Mona re bua ka Sesotho e le thuto e rutwang sekolong. Re leka ho thusa baithuti ba etsang Sesotho (HL)ho utlwisisa ditebello tsa ya ralang dipotso/mohlahlobi, le ya tshwayang. Re leka ho ba thusa ho utlwisisa tsohle tseo ba tlang ho hlahlojwa ho tsona ditlhahlobong tsa makgaolakgang.
Ena ke thothokiso eo, sethothokisi se buang le pelo ya sona. Pelo ena e ile ya utlwiswa bohloko, yaba ya nyatswa. Sethothokisi se a ikgothatsa ke hona hore, mmopi wa sona, o tla tla ho ntjhafatsa pelo eo.